Basotho ba Khabane,
Ke motlotlo ho le tsebisa hore ‘Muso oa Lesotho o kene maqhameng le Banka ea Lefatše (World Bank) ho ntlafatsa marang-rang a litsela ho hokahanya maloti le maliboho a naha ea Lesotho le Afrika Boroa.
Mohlomphehi Letona le Khabane la Lichelete Dr. Retšelisitsoe Matlanyane le Moemeli oa Banka ea Lefatše, Lesotho, Monghali Yoichiro Ishihara, ba tekenne tumellano ea kalimo ea chelete e kaalo ka Limilione tse Mashome a Robeli tsa Li-Dolara tsa America (US$80 Million) bekeng e fetileng.
Chelete ena e reretsoe ho tšehetsa Morero o rehiloeng “Mahaba Maloti” (Lesotho Integrated Transport Trade and Logistics Project - LITTL Project).
Morero ona oa bohlokoa o tla shebana le tse latelang: -
· ho ntlafatsa khokahano ea tsela ea letšoana e kopanyang Katse le Thaba-Tseka;
· tokiso ea likarolo tse khethehileng tsa tsela e tlohang Maseru ho ea Hlotse, seterekeng sa Leribe; le
· ntlafatso ea maliboho a Maseru, Maputsoe le Qacha's Nek.
Morero ona o tla matlafatsa tsamaiso ea thepa ho ea naheng ea bohaelane le ho ea likepeng hore e fihle linaheng tse ling.
Morero ona oa Mahaba Maluti (LITTL) o lebelletsoeng ho phetheloa nakong ea lilemo tse hlano tse tlang, o tla qala ka Phato selemong sena ho isa ka Phuptjane 2029.
Basotho ba heso,
Morero ona o tla etsoa ka mekhahlelo. Mokhahlelo oa pele, o hakanyetsoang ho Limillione tse Mashome a tšeletseng a Li-dolara tsa America (US$60 million), o reretsoe ho fetola khokahanyo ea libaka ka ho nyollela tsela ea Thaba Tseka ho ea Katse boemong ba letšoana. Hang ha e se e ahiloe, tsela ena ea likilometara tse mashome mahlano a metso e mehlano (55km) e tla fetoha mothapo oa bohlokoa ka har'a Maloti (Drakensberg Trans-Frontier Corridor). Karolo ena e reretsoe ho nanabetsa tsamaiso ea thepa ea khoebo ho fepela tsela tsa A1 le ho hokahanya maliboho a Maseru, Maputsoe, Botha-Bothe le Qacha’s Nek.
Karolo ena e tla phetheloa tlas’a botsamaisi ba Setsi sa litsela (Roads Directorate) ka tlatsetso ea khiro ea litsebi mafapheng a Procurement, Contract Management, Monitoring & Evaluation le Health & Safety.
Mafapha ana a botsebi a reretsoe ho tlatselletsa Setsi sa Litsela le hona ho ntlafatsa likhaello tsa Setsi le ho bona hore morero oa tsela ea Thaba-Tseka – Katse le Ntlafatso ea likarolo tsa Maseru – Botha-Bothe li phetheloa ka nako le ka boleng bo hlokahalang molemong oa sechaba sa Basotho.
Mokhahlelo oa bobeli, o tlang ho kenngoa tšebetsong tlas'a Lekala la Khoebo, Mesebetsi e Meholo le Limmaraka e shebane le ntlafatso ea litšebeletso malibohong a Maseru Maputsoe, le Qacha’s Nek (Smart One-Stop Border Post (OSBP). Sena se etsoa ho potlakisa le ho matlafatsa khoebo le naha ea boahelane.
Mokhahlelo oa boraro o reretsoe ho fana ka thuso ea mahlale le thuto ho makala a amehang tšebetsong ea morero ona oa Mahaba Maloti (LITTL-P). Sena se tla tlatsetsa litsi ka litsebo tse hlokahalang sebakeng sa ho phethahatsa morero oona ka katleho.
Hajoale, Lekala la Mesebetsi ea Sechaba le Lipalangoang le mothating oa ho kenya tšebetsong litsibi (Consultants) tse tlo hlahloba meralo e seng e entsoe (design review) le ho bona hore mokoteraka o etsa mosebetsi o nepahetseng. Re lebeletse hore litsibi tsena li tla kena tšebetsong ho tloha ka khoeli ea Pulungoana (2024) selemong se holimo, ‘me mokoteraka o tla qala ho sebetsa ka Motšeanong selemong se tlang sa 2025.
Morero ona o khothaletsa lipuisano tse matla tsa tikoloho mabapi le mehato ea ho nolofatsa khoebo. Ka ho ntlafatsa meaho, morero ona o matlafatsa khokahanyo ea litereke le literopo tse haufi tsa boahelane (Border Towns), le ho khothaletsa kholo ea moruo. Ho feta mona, morero ona o tlo matlafatsa le ho nolofatsa maphelo a Basotho le moruo oa Lesotho ka kakaretso.
KHOTSO PULA NALA