Warning: SQLite3::exec(): database is locked in C:\inetpub\wwwroot\rdwebsite\core\stats.php on line 43
LEKHOTLA LE PHAHAMENG LE QHALA NYEOE EA SETŠA SA TSELA
Released on 09 Sep 2024 09:09AM
Ka la 2 Loetse 2024, Lekhotla le Phahameng la Lesotho la tikoloho e leboea ho naha, le ile la qhala nyeoe eo ho eona Monghali Malefetsane Setholela, moahi oa Leribe, Ha Rampai a neng a hlahletse nyeoe moo a neng a kopa hore Lekhotla le thibele Setsi sa Litsela ho mo tlosa kahare ho setša sa tsela (road reserve) kaha a ne a re o abetsoe sebaka seo ka molao ke Lekhotla la Teropo ea Butha Buthe. (Malefetsane Setholela vs. Roads Directorate and 2 others – CIV /APN/0034/24 ND)

Nyeoe ena e qhaliloe ka bopaki bo sa kang ba reseloa ba hore sebaka seo ke sa Setsi sa Litsela, ‘me Monghali Setholela o lutse moo ka ntle ho tumello ea setsi, e leng sona moikarabelli sebakeng seo. Nyeoeng ena Monghali Setholela o ne a qoselelitse le Lekhotla la Teropo ea Butha-Buthe.

Nyeoe ena e latela hore Monghali Setholela a qale ho etsa moaho ka hare ho setša sa tsela ka Pherekhong 2024 tseleng ea A1 e fetang Butha-Buthe e leba Mokhotlong. Moaho ona o qalile ka li-“pillar” le “slab” se lutseng holim’a tsona li-“pillar” tseo joale li itšetlehile ka lebopo la tsela eo ka nako eo ho fihlela hona joale e ntseng e le tlas’a tokiso. Holim’a “slab” seo ho ne ho behiloe moaho o tlang o se ntse o kopantsoe, o tsebahalang e le “parkhome”.

Setsi sa Litsela se ile sa elelloisa Monghali Setholela le Lekhotla la Teropo ea Butha-Buthe (Butha-Buthe Urban Council) ka tlolo ena ea molao a sa ntse a qala khaho. Leha ho le joalo Monghali Setholela ha a ka ba a natsa tlhokomeliso ena le tse ‘maloa tse ileng tsa latela.

Ka la 14 Phato 2024 Setsi sa Litsela se ile sa mo ngolla lengolo ho mo fa matsatsi a supileng (7) hore a tlose thepa ea hae sebakeng seo. Ke moo, Monghali Setholela o ileng a etsa qeto ea ho hlahlela nyeoe khahlanong le Setsi.

Letsatsing leo nyeoe e oeleng ka lona, Setsi se ile sa ngolla Monghali Setholela ho mo hlokomelisa ho tlosa moaho oo ‘moho le li-“pillar” le “slab” ‘me ebang a sa etse joalo setsi se tla tlosa moaho oo ka bo sona. O ile a tlosa “park home” eo a siea li-“pillar” le “slab”, tseo Setsi se li tlositseng ka Laboraro la la 4 Loetse 2024.

Setsi sa Litsela se hlokomelisa sechaba ka kakaretso ho ikobela khoelehetso ea ho emisa ho aha le ho beha letho kahare ho setša sa tsela naha ka bophara kaha sena e le tlolo ea Molao oa Litsela (Roads Act) le Molao oa Setsi sa Litsela. 

“Quality Roads, Improving Connectivity”
© 2022 Roads Directorate