Motsamaisi oa tšebeletso ea kajeno, ntumelle ke qale pele ka ho isa hlompho e khethehileng ho:
• Motlotlehi Letsie la Boraro,
• Mohlomphehi Mookameli oa Ntlo ea Senate
• Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano ka Lekhotleng la Sechaba,
• Moahloli e Moholo,
• Mohlomphehi Motlatsi oa Tona-Kholo
• Bahlomphehi Matona a khabane, ka ho khetholoha, Mohlomphehi Matjato Moteane, Letona la mesebetsi ea sechaba le lipalangoang
• Excellencies Heads of Diplomatic Mission and International Organizations
• Bahlomphehi litho tse khabane tsa ntlo ea senate, haholo Morena oa Sehlooho oa Qacha’s Nek,
• Bahlomphehi litho tse khabane tsa ntlo ea Bakhethoa , haholo Mokhethoa oa Lebakeng le Mokhethoa oa Tsoelike
• Bahlanka ba baholo ba ‘muso
• ‘Musi oa Setereke sa Qacha’s Nek, Marena a sebaka le lona Bahlomphehi litho tse khabane tsa Makhotla a puso ea libaka
• Baruti ba Moshoeshoe
• Bahlanka ba Sechaba,
• Baqolotsi le Baphatlalatsi ba litaba
• Bontate le bo ‘Me le lona bacha
Lumelang Melele,
Ke tlotla e kholo ho ema kapele ho lona kajeno, ho tla tšoaea ketsahalo ena ea bohlokoa ea ho thakhola mosebetsi oa khaho ea tsela ea letšoana, e kopanyang libaka tsa Ha Matlali le Lebakeng. Tsela ena e tla nkella libaka tsa ‘Melikane, Ha-Ramokakatlela, Mosenekeng, ho tšelela ka mose ho noka ea Senqu ho kena Lebakeng ha Molomo. Khaho ea tsela ena e kenyeletsa khaho ea marokho a maholo holim’a linoka tsa Tsoelike, Lijabatho, Melikane
le Senqu. Bahai ba liabaka tsena le tseba mathatha a ho hoholoa ke likhohola hoa marokhoana a neng a le thusa. Kajeno re re marokho ao e hle e be ma maholo a tla jara boima ba maemo a fapaneng a leholimo sebakeng sena.
Ketsahalo ea kajeno ha e supe feela qalo ea morero ona o moholo, empa ke pontšo ea boitlamo ba ’muso ho ntlafatsa moruo oa naha ea Lesotho, ho ntlafatsa phano ea litšebeletso le boitlamo ba ho fetola bophelo ba sechaba sa Basotho, ho sa tsotellehe na se phela karolong efe ea naha ea bo rona.
Morero ona oa tsela o arabela lintlha tse ka sehlohong tsa Leano la Naha la Ntšetsopele la Bobeli (National Strategic Development Plan NSDP II), le behang kapele;khaho ea litsela,ho akofisa maeto, ho holisa moruo, khoebo le khoebisano, ho fihlisa thepa ‘marakeng ka bobebe, le ho etsa hore naha ea rona e bohehe, e tsamaee ha bobebe. Ha tsela ena e bolelele ba likilometharara tse mashome a mane a metso e mehlano (45KM) le marokhoro a eona e
phethetsoe, ho nka matsatsi –tsatsi maetong a ma lelele, ho tlalloa ke linoka, ho phirimeloa, ho sitoa ho ea likolong ka bongata hoa bana, ho ba leqe hoa litichere ho tla ruta likolong tsena tse tikolohong ena, ho sitoa ho finyella litsing tsa bophelo ka lebaka la tsela, tsena tsohle e tlaba pale ea maobane.
Sechaba sa heso,
Naha ea Lesotho e na le sebopeho se ikhethang sa tlholeho, hloahloeng ena ea Afrika e Boroa. Sebopeho sena se hohela bahahlaoli ka bongata. Ha ‘Muso o phunya lithaba, bohahlaoli bo ea nyoloha. Bahahlaoli ba tsoang Ha Ramatšeliso ba tla ba le thahasello ea ho fihla ‘Melikane ho boha botle ba tlholeho ba sebaka sena, ekasitana le ho boha liphoofolo tse hlaha joaloka matsa a ntseng a fumaneha ka bongata sebakeng sena.
Letona la bohahlaoli, ke eo qholotso. Ha tsela ena e phetheloa ke rata ho bona lipalo tsa bahahlaoli li nyoloha, le bophela ba sechaba
sena bo fetoha. Atametsa thuto ea lihlahisoa tse etsoang ka matsoho ke sechaba sa tikoloho ena ea Lebakeng le Tsoelike e le hore bahahlaoli ba tle ba khahloe, bophelo ba sechaba bo ntlafale.
Sechaba sa h’eso,
Ha e le mona ho se ho tla ba bobebe ho fihla ‘Melikane, ha re nkeng monyetla oa hore, re rute baeti le bahahlaoli ka lehaha la Baroa le fumanehang lipakeng tsa motse oa Thueleng le Ha Khanya nokeng ea Melikane, pale ea lona, chabeng sena sa koano le hore na hantle polelo ena ea “thotsela sa ‘Milikane” e kolla kae. Lekala la Bochaba le Bohahlaoli, thusang kahohle hore chaba sena se bone letlotlo lena. Le hore na se ka iphilisa joang ka lona.
Lona Lekala la Meru le paballo ea Tikoloho (Foresty and Environment), bonang hore tikoloho ena e babalehile e le hore boieane ba tlholeho bo teng mona bo ntlafale bo fetohe karolo ea khoheli.
Sechaba sa h’eso,
Ka ho tsetela tseleng ena, ‘Muso o bula menyetla ea mesebetsi, kaha tšebetso ena e tlo hlahisa mesebetsi e ka bang makholo a mane le mashome a mahlano (450) sebakeng sa basebetsi ba sa hlokeng litsebo, ‘me bona ba tla nkoa ka hare ho sechaba sa metse eo tsela ena e fetang ho eona le e haufi. Taba ena ke ea bohlokoa hobane merero e meholo ea ‘Muso e kang ona ona, e lokela hore ha e etsoa e ntlafatse mekhoa ea sechaba ea ho iphelisa, e ntlafatse litsebo ekasitana le ho matlafatsa tšepo ho sechaba.
Ke se ke boletse hore tsela ena ha e phethetsoe, litšenyehelo tsa tokiso ea makoloi li tla theoha, ‘me sechaba se tla una molemo kaha litefiso tsa makoloi a baeti tseo ke tlalehetsoeng hore li holimo haholo hajoale li tla theoha haholo. Mohlomphehi Moteane ke tšoenyehile ke litefiso tse phahameng tsa makoloi a baeti sebakeng sena. Ke a u qholotsa Ntate hore u ke o e lekole,
hobane ke belaela hore e hanya sechaba. Tebello ea ‘Muso oa Lesotho ho mokonteraka ea abetsoeng mosebetsi ona ke hore a etse mosebetsi o tsoileng matsoho, ka nako, ka polokeho, e be oa boleng bo lokelang chelete ea sechaba e sebelisitsoeng.
Ho lona Melele, bana ba mofu Morena Lerotholi, ha re sireletseng morero ona, re tlalehe ba senyetsang mokonteraka le hona ho sitisa tšebetso hore e tsoelepele ho marena, makhotla a puso ea libaka, mahokela le sepoleseng. Ho ba tla fumana mosebetsi morerong oona, sebetsang ka botšepehi tseleng ena ea lona.
Moo le nang le litletlebo le latele methati e beuoeng ke Setsi sa Litsela ka tšehetso ea Makhotla a Puso ea Libaka. Ke rata ho qetella puo ea ka ka ho le leboha ka mamello ea lona tlas’a liqholotso tsa nako e telele tse bakoang ke tlhokahalo ea tsela le marokho sebakeng sena.
Kajeno ‘muso oa lona o sekehetse tsebe sello sa lona sa nako e telele.
Ke a leboha,
KHOTSO! PULA! NALA!